Tokiso ya Toka ? ho lokisa tshenyo e bakilweng ke bonokwane, ho sebeletsa polokeho ya setjhaba
Selelekela
Mesebetsing ya Toka e thibelang bonokwane, tabakgolo moo ho sebetsana le diketso tsa bonokwane ka mokgwa o tla fana ka kotlo. Hang ho ba ba fumanwe ba le molato ke lekgotla la dinyewe, batlodi ba molao ba tla fuwa kotlo ya ho sokollwa, kapa ba kwallwe tjhankaneng nako e itseng, kapa lefiswe molato, kapa ba fuwe kotlo tsena ka boraro.
Leha ho le jwalo, Lefapha la Ditshebeletso tsa Ditjhankane, le entse qeto ya ho theha mokgwa wa Tokiso ya Toka jwalo ka yona taba ya bohlokwa. Mokgwa ona o itshetlehile hodima se utlwisiswang ka hore bonokwane ke ketso e kgahlanong le batho ba senyeditsweng le setjhaba, mme sepheo sa ona ke ho lokisa bofokodi bo leng teng tshebetsong tsa molao tse shebaneng le bonokwane. Morero wa tsela ena ha se ho nka sebaka sa kotlo nakong e kgutshwane, empa ho matlafatsa tshebetso tsa toka.
Na Tokiso ya Toka ke eng?
Ditshebeletsong tsa Ditjhankane, Tokiso ya Toka eo ka hlaloswa jwalo ka mokgwa wa ho fana ka kotlo bakeng sa bonokwane. E toboketsa hodima bohlwokwa ba seabo sa batho ba senyeditsweng, ba malapa le setjhaba ka ho ba kenyelletsa haholo mesebetsing ya toka e thibelang bonokwane. Hape sepheo sa ona ke ho etsa hore batlodi ba molao ba be le boikarabelo bathong ba ba sitelwang ekasitana le ho kgutlisa ditahlehelo le ho lokisa tshenyo a baketsweng diphofu. O fana hape le ka monyetla wa ho fumana dikeletso, dipuisano, ho be le ditherisano le tharollo ya mathata e leng dintho tse tla kgutlisetsa dintho setlwaeding, hape batho ba ikutlwe ba bolokehile athe hape o matlafatsa le tshebetso tsa ho kgutlisetsa motlodi wa molao setjhabeng.
Ha ho na tlhaloso e le nngwe feela e ka akaretsang dintlha tsohle tse leng teng mokgweng wa Tokiso ya Toka, empa tlhaloso tsena tse latelang tsa ditsebi tse pedi tsa sehlooho sena di fana ka lesedi:
Tokiso ya Toka e shebile haholo bohlokwa ba keketseho ya seabo sa diphofu le setjhaba, mme hona ba ho etsa ka ho ba le seabo se mafolofolo mesebetsing ya toka ya ho thibela bonokwane, ho etsa hore batlodi ba molao ba be le boikarabelo ka ho toba bathong bao ba ba sitetsweng, le hore ho fanwe ka menyetla e mengata e fapaneng ya dipuisano, ditherisano le tharollo ya mathata, e be hoo ho etsa hore batho ba ikutlwe ba bolokehile, ba phela mmoho hape ho na le kgotso hara bohle ba amehang.?
Tokiso ya Toka ke mokgwa wa ho sebetsa ka toka e le hore ho tle ho be le ditokiso tse kenyelletsang dintlha tsa bohlokwa tsa: ho bitswa ho tla arabela diketso tsa hao; ho lokiswe moo ho sentsweng teng; ho rarollwe ho entsweng ka tsela e fosahetseng; ho sebetsanwe le maikutlo ekasitana le ditaba tse amanang le ona; ho sebetsanwe le tshenyo e bakwang ke bonokwane, empa hape le tshenyo e bakwang ke mesebetsi ya toka e thibelang bonokwane.?
Hantlentle Tokiso ya Toka ho fapane le kotlo. Ke mosebetsi wa toka o kenyang matla bokamosong, e seng nthong e seng e fetile. O shebana le se hlokang ho lokiswa, se hlokang ho busetswa le seo re hlokang ho ithuta sona ka bonokwane bo ntseng bo etsahala. O hlwaya se hlokwang ho matlafatswa haebe re batla hore dintho tse jwalo di se ke tsa pheta di etsahala hape.
Ho sa natswe hore na ho sebediswa jwang, Tokiso ya Toka, haholoholo, ho supa tumelo ya hore toka e lokela ho etsa dintho tse hlano, e leng tsena:
ho kopa hore batho ba be le seabo se felletseng le tumellano;
ho batla boikarabelo bo felletseng hape bo tobileng;
ho lokisa ho senyehileng;
ho kopanya ho arotsweng; le ho matlafatsa setjhaba bakeng sa ho thibela tshenyo e nngwe hape.
Melemo ya Tokiso ya Toka
E sheba diketso tsa bonokwane ka botlalo ? e seng feela jwalo ka tlolo ya molao, empa hape le jwalo ka tshenyo e baketsweng diphofu
E kenyelletsa batho ba bangata ? e seng mmuso le motho ya tlotseng molao feela, empa le diphofu le setjhaba
E lekanya katleho ka tsela e fapaneng ? ho ena le ho lekanya hore ke kotlo e kae eo ho fanweng ka yona, e lekanya ka moo tshenyo e lokisitsweng kapa e thibetsweng ka teng
E ela hloko bohlokwa ba setjhaba karabelong ya bonokwane ho ena le ho tlohella bothata boo ba bonokwane mmusong o le mong
diphofu ? ka mokgwa wa bonamodi, diphofu di ka fumana ditlhapiso, tsa busetswa hoo di lahlehetsweng ke hona, mme tsa ba tsa lokisetswa le hoo di senyehetsweng ke hona.
Ba tlotseng molao ? motho ya tlotseng molao o a sokollwa e be o kgutlisetswa hape setjhabeng.
Ba malapa ? ba malapa ba fumana dipuseletso, ditlhapiso le phekolo
Setjhaba ? ho ba le kgonahalo ya hore bonokwane bo fokotsehe hape le tlolo ya molao e ya theoha
Ditshebeletso tsa Ditjhankane ? kgonahalo ya phokotseho ya batshwaruwa le bonokwane, ho ba le kgonahalo ya keketseho ya ho ba le seabo ha batho ba tlotseng molao mananeong a tsosoloso hape le seabo sa bona se a eketseha hara setjhaba.
Ho ba lefa bakeng sa dintho tseo ba lahlehetsweng ke tsona
Ho bontsha temoho ya tshenyeho e etsahetseng e be ho bontshwa maikemisetso a ho lokisa le ho tlisa poelano
Keketseho ya bokgoni hore ba tle ba tsebe ho amohela le ho ikamahanya hape le batho ba tlotseng molao
Keketseho ya seabo le kutlwisiso ya setjhaba mabapi le tshebetso tsa molao
Ho etsa hore motho ya tlotseng molao a be le maikutlo a ho fetoha
Phokotseho ya tshabo
Ho lemosa haholwanyane ka sephetho sa bonokwane bathong ba bang
Ho eketsa bokgoni ba batho ba tlotseng molao hore ba be le seabo se molemo setjhabeng
Boemo bo phahameng ba thuto le ntlafatso ya bokgoni ba ho sebetsa, kgahisano le ba ho etsa diqeto
Ntlafatso ya tjhebahalo ya motho le ntlafatso ya ka moo setjhaba se tla sheba motho ya tlotseng molao ka teng
Ho eketsa maikutlo a ho ba e mong wa setjhaba
Kutlwelo bohloko e eketsehileng ya setjhaba mothong ya tlotseng molao.
Na ke mananeo afe ao ho nahanwang hore a ka ba karolo ya mesebetsi ya Tokiso ya Toka?
Mananeo ana a latelang a tla bopa karolo ya mosebetsi wa Tokiso ya Toka:
Bonamodi le therisano ya phofu le motho ya tlotseng molao
Ditlhapiso tsa ditjhelete tse tla nehwa diphofu
Ditshebeletso tse tla fuwa e mong le e mong wa diphofu
Tshebeletso ya Setjhaba
Kopo ya tshwarelo e ngotsweng fatshe kapa ya molomo diphofung le batho ba amehileng
Dihlotshwana tse tla shebana le diphetho tsa tlolo eo phofung kapa setjhabeng
Ba tla ba le seabo Mosebetsing wa Tokiso ya Toka
E re ka ha Tokiso ya Toka e itshetlehile hodima kutlwisiso ya hore bonokwane bo baka tshenyo diphofung, setjhabeng le ho batlodi ba molao, ka hoo ho hlakile hore bohle ba amehang ba lokela ho kenyelletswa mosebetsing oo wa tharollo ya bonokwane. Ha ho qeaqeo hore bana ba latelang ke bona ba tla ba le seabo mosebetsing ona:
Phofu
Motlodi wa molao
Setjhaba
Mmuso, mme haholoholo Lefapha la Ditshebeletso tsa Ditjhankane, la Ntshetsopele ya Phedisano, la Toka le la Ditshebeletso tsa Sepolesa
Motataisi / moeletsi
Ba malapa
Mekgatlo eo e seng ya mmuso, mekgatlo ya setjhaba le baithaopi
Mekgwa ya ho sebetsa ya Matjhaba
Ho na le matshwao a bontshang hore mesebetsi ya Tokiso ya Toka e se e hatela pele le ho feta lefatsheng lohle. Mekga e sebetsang ka hara mebuso e ntse e ela hloko mesebetsi ya Tokiso ya Toka. Ka selemo sa 1999, Komiti ya Matona a Lekgotla la Yuropa e ile ya amohela kgothaletso ya tshebediso ya bonamodi ditabeng tsa ho fana ka kotlo.
Bukana ya Matjhaba ya Dinaha tse Kopaneng e mabapi le Toka ya Diphofu e bolela hore ?mosebetsi wa Tokiso ya Toka o kenyelletsa motlodi wa molao, motho ya senyeditsweng le setjhaba kaofela ha sona maitekong a ho hlahisa tsela e lekanang ya ho shebana le motlodi wa molao, mme, ho ntse ho le jwalo, e shebile hape le phofu. Ditlhapiso tse fuwang phofu e se e le yona ntho ya bohlokwa haholo mosebetsing wa Tokiso ya Toka dinaheng tse ngata tse seng di tswetse pele.?
Mehato ya semolao e fokoditse ditshita tsa molao le tsa mokgwa o sebediswang mananeong a Tokiso ya Toka, e hlomme dikgothaletso tsa molao bakeng sa ho sebedisa mananeo a Tokiso ya Toka, e tataisitse ya ba ya hlophisa mananeo a Tokiso ya Toka, mme e sireletsa le ditokelo tsa batho ba tlolang molao ekasitana le tsa diphofu.
Palo ya mananeo a Tokiso ya Toka lefatsheng lohle e ntse e eketseha. Ho na le mananeo a ka hodimo ho 500 a tataiso mane Yuropa le a fetang 300 mane USA. Tekolo ya mananeo a Tokiso ya Toka le diprojeke mane Canada e bile le sephetho sa ho ngodiswa ha a fetang 100 kaofela.
Mekgwa ya ho sebetsa ya Afrika Borwa
Mokgwa wa Tokiso ya Toka ha se o motjha mona Afrika Borwa, mme ho na le dibakeng tse ding moo metheo ya ona e seng e sebedisitswe ka tsela e itseng. Yona e kenyelletsa:
Komiti ya Nnete le Poelano
Komiti e tsebahalang haholo ya Nnete le Poelano e neng e shebane haholo le bobe bohle bo neng bo etswa bathong ba Afrika Borwa, e bile mohlala o motle wa mosebetsi wa Tokiso ya Toka. E ananetse ntlha ya hore diphofu di hloka tharollo e itseng mabapi le boemo ba tsona ba ho ba diphofu jwalo ka ha ba ile ba hlahisa bopaki ka se etsahetseng ho bona mme ya mamela le se ileng sa bolelwa ke batho ba entseng ketso tseo tse mpe kgahlanong le diphofu.
Lenaneo la Matlafatso ya Diphofu
Lefapha la Ntshetsopele ya Kgahisano ke lona le etelletseng pele Lenaneo la Matlafatso ya Diphofu leo hape sepheo sa lona e leng ho etsa hore diphofu e be bona batho ba leng ka hodimo mosebetsing wa ho rarollana le bonokwane. Leano la Setjhaba la Thibelo ya Bonokwane le hlalosa lenaneo lena ka hore ke ?karabelo ya sephetho sa bonokwane diphofung. Ha le ntse le ba le seabo phokotsong ya bonokwane, sepheo se seng hape sa bohlokwa sa lona ke ho ela hloko matshwenyeho a diphofu. Ka kakaretso ke ntho e amohelehileng ya hore matlafatso ya diphofu e fokotsa ho tshwarwa hape ka tsela e sa lokang, ho kgothaletsa tshebedisano le mokgwa wa tharollo ya bonokwane, ho matlafatsa boitshwaro bo labalabelwang bophelong, ho ba thibelo ho bao ba batlang ho tlola molao kapa ba ka tlolang molao, mme ho matlafatsa le tshehetso ya setjhaba mosebetsing wa tharollo ya bonokwane.?
Tshebeletso ya Setjhaba
Mohopolo wa tshebeletso e tlamang ya setjhaba, e tla etswa ke bao ba sitetsweng setjhaba ka bonokwane ba bona, o ntse o ba mohopolo o ratwang mona Afrika Borwa. Tshebeletso ya Setjhaba ke mosebetsi o nang le tlhahiso, o etswang ke batho ba tlotseng molao molemong wa merabe e amehileng. Yona ho ka laelwa hore e etswe ke batlodi ba molao nakong eo ba ahloletsweng ho dula nako e itseng ya tshokollo ya bona ke makgotla a dinyewe.
Ntlafatso ya tshebeletso ya toka ya batjha
Ka ho latela diphetoho tse entsweng Molaong wa Ditshebeletso tsa Ditjhankane ka 1995, ho ile ha hlongwa komiti ya tshebedisano ya diofisi tsa mafapha ka morero wa hore e shebane le ho fetolwa ha mokgwa wa tlhokomelo ya bana le batjha mona Afrika Borwa.
Ha e ne e rala leano la ditataiso tsa ho fetolwa ha mokgwa wa tlhokomelo ya bana le batjha, komiti e ile ya sisinya hore: ?tsela ya ho sebetsana le batjha ba leng bothateng ba molao e lokela ho kenyelletsa: tharollo ya kgohlano, ho kenyelletswa ha ba lelapa le setjhaba ha ho etswa diqeto, ho fetolwa le bonamodi bo tla thehwa setjhabeng.?
Ho sebetsana le bonokwane ke taba e rarahaneng haholo bophelong, mme ho ke ke ha etswa hantle ka mokgwa wa phetetso feela. Bakeng sa ho lokisa tshenyo e bakilweng ke bonokwane, ho tshwanetse hore ho be le mosebetsi o tla fana ka menyetla ya tataiso, ditherisano, dipuisano le tharollo ya mathata, le diphofu le setjhaba bao e leng bona batho ba amehang mosebetsing ona. Lefapha la Ditshebeletso tsa Ditjhankane le ikemiseditse ho tsamaisa mosebetsi ona, empa le behile tshepo ya lona hodima kutlwisiso le tshehetso ya batho ba naha.
Ha re sebetseng mmoho ho lokisa tshenyo e bakilweng ke bonokwane.
Ha re sebetseng mmoho ho bopa setjhaba se bolokehileng.
Ha re sebetseng mmoho ho haha naha e ntlafetseng.
Tshehetsang mosebetsi wa Tokiso ya Toka, mme le phatlalatse molaetsa.
E ngotswe ya ba ya phatlalatswa ke ba Lekala la Ditshebeletso tsa Dikgokahano la Lefapha la Ditshebeletso tsa Ditjhankane ? jwalo ka tshebeletso setjhabeng.
Re le sebeletsa ka motlotlo
Tokiso ya Toka
Ho lokisa tshenyo e bakilweng ke bonokwane
Ho sebeletsa setjhaba se bolokehileng
Lefapha la Ditshebeletso tsa Ditjhankane
Tokiso ya Toka - Karabelo e ntle bonokwaneng
Ho etsa hore diphofu e be bona batho ba bohlokwa tshebetsong tsa ho shebana le bonokwane
Ho tlisa poelano bathong ka ditlhapiso le tshwarelano
Tokiso ya Toka - Ho etsa hore batho ba tlotseng molao ba be le boikarabelo diphofung tsa bonokwane ba bona ho kopanya diphofu, batho ba tlotseng molao le setjhaba bakeng sa ho batla tharollo ya bonokwane
Ho kgothaletsa poelano, tshwarelo le ditlhapiso ha ho lokiswa tshenyo e bakilweng ke bonokwane
Sehlooho
Tokiso ya Toka ? ho lokisa tshenyo e bakilweng ke bonokwane
